A A A A A

Liphiri: [Dragons]


Ezekiele 29:3
O mmolelle, o re: Morena Modimo o bua tjena: “ Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!

Ezekiele 32:2
“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.

Esaia 27:1
Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.

Esaia 51:9
Morena tsoha! Tsoha o re thusetse ka tsoho la hao le matla! O tsohe jwaloka mehleng ya kgalekgale, o tsohe jwaloka melokong ya boholoholo. Na hase wena ya neng a kgabelake Rahaba? Na hase wena ya neng a kgehlepele kganyapa?

Jobo 7:12
“Ebe nna ke lewatle kapa kganyapa, ha o mpeetse balebedi ho ntisa?

Jobo 41:18-21
[18] Ha e thimola, ka nkong tsa yona ho tswa lesedi; mahlo a yona eka mahlasedi ha mafube a hlaha.[19] Malakabe a tlola ka molomong wa yona, tlhase di betseha seka motjhotjhonono.[20] Mosi o foqoha ka nkong tsa yona, jwaloka mosi ha pitsa e mollong wa ditlhaka e bela.[21] Moya wa yona o butswela mashala a hlene, malakabe a tlole ka hanong la yona.

Lipesaleme 18:8
Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya tsukutleha, ya reketla, hobane a halefile.

Lipesaleme 44:19
Pelong tsa rona ha re a o kwenehela, maoto a rona ha a a fapoha tsela ya hao;

Lipesaleme 74:13
Ke wena ya ileng a arohanya lewatle, wa le arohanya ka matla a hao, wa pshatla hlooho tsa dikganyapa, wa di pshatela lewatleng.

Tšenolo 1:7
Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!

Tšenolo 11:7
Etlare hoba di qete ho paka, sebatana se tswang mohohlong o se nang pheletso se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye.

Phetolelo 32:33
Veine ya teng ke tjhefo ya dihahabi, ke mahloko a bohale a bo-marabe.

Tšenolo 13:8
Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.

Tšenolo 16:13
Ka molomong wa kganyapa, le ka molomong wa sebatana, le ka molomong wa moporofeta wa bohata, ka bona ho etswa meya e meraro, e ditshila, e kang dihohwana.

Exoda 7:10-12
[10] Yaba Moshe le Arone ba ya ho Faro, mme ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Arone a akgela molamu wa hae kapele ho Faro, le kapele ho bahlanka ba hae, mme wa fetoha noha.[11] Jwale Faro le yena a bitsa banna ba bohlale le dingaka, mme ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo.[12] Tsa akgela melamu ya tsona fatshe ka bomong, mme ya fetoha dinoha, empa molamu wa Arone wa metsa melamu ya dingaka.

Jobo 40:15-20
[15] “Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo.[16] Ako bone matla a letheka la yona! Bona bothata ba ditshika tsa mohodu wa yona![17] E peralatsa mohatla wa yona, e o peralatse jwaloka fate sa kedare, ditshika tsa rope tsa yona di teteane;[18] masapo a yona a tshwana le pompo tsa lethose, masapo a yona a tshwana le ditshiya tsa tshepe.[19] Hara mmopo wa Modimo ke thahadima, e ka hlolwa feela ke Mmopi wa yona.[20] Dijo tsa yona di theoha dithabeng, moo phoofolo tsa naha di bapallang teng.

Tšenolo 12:1-17
[1] Jwale lehodimong ha hlaha pontsho e kgolo: Mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, a bile a ena le mofapahlooho wa dinaleli tse leshome le metso e mmedi hloohong.[2] E ne e le moimana. A bokolliswa ke mahloko a pelehi.[3] Ha hlaha pontsho e nngwe hape lehodimong. E ne e le kganyapa ya tonana, e kgubedu, e dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e supileng dihloohong tsa yona.[4] Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe.[5] A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae.[6] Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.[7] Yaba lehodimong ho qhoma ntwa: Mikaele le mangeloi a hae a lwana le kganyapa. Kganyapa le yona ya itwanela e ena le mangeloi a yona,[8] empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona.[9] Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.[10] Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu.[11] Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.[12] Kahoo thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho madimabe lona lefatshe le lewatle, hobane Diabolosi o theohetse ho lona ka bohale bo boholo, a tseba hore nako ya hae e se e le kgutshwanyane.”[13] Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona.[14] Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha.[15] Ka molomo wa yona, noha ya tshwela metsi a phallang kamora mosadi jwaloka a noka, hore a tle a mo nke.[16] Empa lefatshe la thusa mosadi, la ahlama, mme la metsa noka eo kganyapa e e tshwetseng ka molomo wa yona.[17] Kganyapa ya halefela mosadi, mme ya lwantsha ditloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu.

Tšenolo 13:1-18
[1] Jwale ka bona ho nyoloha lewatleng sebatana se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona; dihloohong tsa sona ho ngotswe mabitso a nyefolang.[2] Sebatana seo ke ileng ka se bona se ne se tshwana le lengau, maro a sona a ne a le jwaloka maro a bere, molomo wa sona o le jwaloka molomo wa tau. Kganyapa ya se nea matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo ba yona.[3] Hlooho e nngwe ya sona e ne e ka e na le leqeba le ka bolayang, empa leqeba leo le ne le se le fodile. Lefatshe lohle la hlollwa, la latela sebatana seo.[4] Bohle ba kgumamela kganyapa, hobane e ne e neile sebatana matla a yona. Ba kgumamela le sona sebatana, ba re: “Ke mang ya tshwanang le sebatana? Ke mang ya ka se lwantshang?”[5] Sebatana seo se ile sa dumellwa ho bua ka boikakaso le ka ho nyefola, sa newa matla a ho sebetsa ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.[6] Sa qala ho bua, sa nyefola Modimo, sa nyefola lebitso la hae, le leaho la hae, le baahi ba lehodimo.[7] Sa dumellwa ho lwantsha badumedi le ho ba hlola; sa ba sa newa matla hodima ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle.[8] Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.[9] Haeba motho a ena le ditsebe, a ke a utlwe:[10] Ya abetsweng ho ya bothopuweng o tla ya bothopuweng. Ya abetsweng ho bolawa ka sabole o tla bolawa ka sabole. Mona ho batleha tiisetso le tumelo ya badumedi.[11] Jwale ka bona sebatana se seng se nyoloha lefatsheng. Se ne se ena le dinaka tse pedi tse kang tsa konyana, empa se ne se bua jwaloka kganyapa.[12] Sa sebedisa matla kaofela a sebatana sa pele, pontsheng ya sona. Sa etsa hore lefatshe le baahi ba lona ba kgumamele sebatana sa pele, seo leqeba la sona le ka bolayang le neng le se le fodile.[13] Sebatana seo sa bobedi sa etsa mehlolo e meholo: sa theola mollo lehodimong, pontsheng ya bohle, hore o tle o wele lefatsheng.[14] Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.[15] Sa newa matla a ho etsa hore setshwantsho seo sa sebatana se be le bophelo, hoo se bileng sa bua, mme sa etsa hore bohle ba sa se kgumameleng ba bolawe.[16] Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makgoba, ba be le letshwao matsohong a bona a matona kapa diphateng tsa bona.[17] Sa etsa hore ho se be le ya mong ya ka rekang, kapa ya ka rekisang, a se na letshwao la sebatana, kapa palo e emetseng lebitso la sona.[18] Mona ho batleha bohlale. Ya nang le kelello a hlalose se bolelwang ke palo eo ya sebatana. Palo eo e emetse lebitso la motho, mme palo eo ke makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

Tšenolo 20:1-15
[1] Jwale ka bona lengeloi le theoha lehodimong, letsohong le tshwere senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso, le ketane ya tonana.[2] La tshwara kganyapa, noha ya kgale, e leng Diabolosi le Satane, la e holeha ka dilemo tse sekete.[3] La e akgela mohohlong o se nang pheletso, la e notlella teng, la bitiela monyako wa mohohlo, hore e se hlole e kgelosa ditjhaba ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Kamorao ho moo eka kgona e lokollwe nako e kgutshwanyane.[4] Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.[5] Bafu ba setseng ha ba a ka ba tsoha ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Ena ke tsoho ya pele ya bafu.[6] Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.[7] Ha dilemo tse sekete di fetile, Satane o tla lokollwa tjhankaneng ya hae,[8] mme o tla ya ho kgelosa Gogo le Magogo, e leng ditjhaba tse diqoleng tse nne tsa lefatshe. O tla di phutha hore di lwane, palo ya tsona e le kaalo ka lehlabathe la lewatle.[9] Tsa tlala lefatshe ka bophara ba lona, mme tsa dikanela diahelo tsa badumedi le motse o ratwang, empa mollo wa theoha lehodimong, wa di fedisa.[10] Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla.[11] Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.[12] Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.[13] Lewatle la hlatsa bafu ba lona, Lefu le Nqalo ya Bafu tsa ntsha bafu ba tsona, mme e mong le e mong a ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae.[14] Jwale Lefu le Nqalo ya Bafu tsa akgelwa letsheng la mollo. Letsha lena la mollo ke lona lefu la bobedi.[15] Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.

Sotho Bible 1989
© Bible Society of South Africa. All rights reserved