A A A A A

Liphiri: [Li-dinosaurs]


Esaia 27:1
Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.

Genese 1:21
Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

Lipesaleme 104:26
Teng dikepe di sesa kahohle, le leruarua leo o le bopetseng ho bapalla ka ho lona.

Baroma 1:18
Kgalefo ya Modimo e senotswe e etswa lehodimong, e theohela hodima bohle ba sa hlompheng Modimo, ba sa lokang, ba thibelang nnete ka ho se loke ha bona,

Genese 1:24-31
[24] Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo.[25] Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.[26] Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”[27] Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.[28] Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”[29] Modimo a nto re: “Bonang, ke le file meroho yohle e nang le peo, e teng lefatsheng lohle; le difate tsohle tse behang ditholwana tse nang le peo, hore e be dijo tsa lona.[30] Le diphoofolo tsohle tse hlaha, le dinonyana tsohle tse fofang, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, le tsohle tse phelang, ke di file ditlama tsohle tse tala, hore e be dijo tsa tsona.” Ha fela ha eba jwalo.[31] Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.

Jobo 40:15-24
[15] “Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo.[16] Ako bone matla a letheka la yona! Bona bothata ba ditshika tsa mohodu wa yona![17] E peralatsa mohatla wa yona, e o peralatse jwaloka fate sa kedare, ditshika tsa rope tsa yona di teteane;[18] masapo a yona a tshwana le pompo tsa lethose, masapo a yona a tshwana le ditshiya tsa tshepe.[19] Hara mmopo wa Modimo ke thahadima, e ka hlolwa feela ke Mmopi wa yona.[20] Dijo tsa yona di theoha dithabeng, moo phoofolo tsa naha di bapallang teng.[21] E botha tlasa difate tsa leoka, e ipata mokgwabong hara lehlaka.[22] Leoka le e etseditse moriti, e etseditswe sakana-la-nkope, la e etsetswa ke meduwane, meduwane ya melatswana.[23] Ha e balehiswe ke ho tlala ha noka, ha e tshohe leha Jorodane e ka phuthumana, ya phuthumanela ka hanong la yona.[24] E ka tshwarwa ke mang e ntse e shebile, Ya kenngwa kgwathatha ka nkong ke mang?

Jobo 41:1-10
[1] “Na ka selope kganyapa o ka e tshwasa, kapa ka kgwele leleme la yona wa le tlama?[2] Na o ka e kenya kgwathatha ka nkong? Kapa mohlaare wa yona wa o hlaba ka moutlwa?[3] Na e tla rapela hore o e rekolohele, kapa e bue ka bonolo, e nne e o qekise?[4] Na e tla etsa tumellano le wena, hore e be kgoba la hao kamehla yohle?[5] O tla e bapadisa sa ha o bapadisa nonyana, kapa o e holehele bananyana ba hao?[6] Na bahwebi ba heno ba tla e tsekisana ka theko, kapa ba e arolele bareki?[7] Na ka dikwebe tlalo la yona o ka le phunya, kapa ka tsenene hlooho ya yona o ka e hlaba?[8] Ako e ame ka letsoho la hao! Ntwa e tla ba ya kgumamela; o ke ke be wa hlola o pheta hape![9] “Tshepo ya ho e hlola ke lefeelafeelane, motho ha a e bona pelo ya hae e a nyahama.[10] Ha ho na ya sebete se lekaneng ho e qholotsa; ebe jwale ke ofe ya ka thulanang le nna, Modimo?

Joshua 10:1-10
[1] Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona.[2] A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.[3] Yaba Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, o romela molaetsa ho Hohame, kgosi ya Heborone; le ho Pirame, kgosi ya Jaremute; le ho Jafia, kgosi ya Lakishe; le ho Debiri, kgosi ya Egelone, o re:[4] “Nyolohelang ho nna, le tlo nthusa ke hape Gibeone, hobane baahi ba yona ba se ba entse kgotso le Joshua le bana ba Iseraele.”[5] Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela.[6] Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”[7] Joshua a nyoloha Gilegale, a ena le bahlabani bohle, le banna bohle ba bahale.[8] Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”[9] Joshua a tsamaya bosiu bohle ho tloha Gilegale, mme a ba futuhela ka ho ba tsometsa.[10] Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.

Sotho Bible 1989
© Bible Society of South Africa. All rights reserved