A A A A A

Matšoao a Lipalo: [Nomoro 5]


Tšenolo 13:5-18
[5] Sebatana seo se ile sa dumellwa ho bua ka boikakaso le ka ho nyefola, sa newa matla a ho sebetsa ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.[6] Sa qala ho bua, sa nyefola Modimo, sa nyefola lebitso la hae, le leaho la hae, le baahi ba lehodimo.[7] Sa dumellwa ho lwantsha badumedi le ho ba hlola; sa ba sa newa matla hodima ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle.[8] Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.[9] Haeba motho a ena le ditsebe, a ke a utlwe:[10] Ya abetsweng ho ya bothopuweng o tla ya bothopuweng. Ya abetsweng ho bolawa ka sabole o tla bolawa ka sabole. Mona ho batleha tiisetso le tumelo ya badumedi.[11] Jwale ka bona sebatana se seng se nyoloha lefatsheng. Se ne se ena le dinaka tse pedi tse kang tsa konyana, empa se ne se bua jwaloka kganyapa.[12] Sa sebedisa matla kaofela a sebatana sa pele, pontsheng ya sona. Sa etsa hore lefatshe le baahi ba lona ba kgumamele sebatana sa pele, seo leqeba la sona le ka bolayang le neng le se le fodile.[13] Sebatana seo sa bobedi sa etsa mehlolo e meholo: sa theola mollo lehodimong, pontsheng ya bohle, hore o tle o wele lefatsheng.[14] Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.[15] Sa newa matla a ho etsa hore setshwantsho seo sa sebatana se be le bophelo, hoo se bileng sa bua, mme sa etsa hore bohle ba sa se kgumameleng ba bolawe.[16] Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makgoba, ba be le letshwao matsohong a bona a matona kapa diphateng tsa bona.[17] Sa etsa hore ho se be le ya mong ya ka rekang, kapa ya ka rekisang, a se na letshwao la sebatana, kapa palo e emetseng lebitso la sona.[18] Mona ho batleha bohlale. Ya nang le kelello a hlalose se bolelwang ke palo eo ya sebatana. Palo eo e emetse lebitso la motho, mme palo eo ke makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

Matheu 19:9
Ke a le bolella hore mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, a nyala e mong, o a feba.”

Tšenolo 11:2-3
[2] Empa ha e le lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le metha, hobane le tloheletswe baditjhaba, ba tlang ho hatakela motse o halalelang ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.[3] Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.”

Matheu 5:32
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka taba ya bohlola, o a mo febisa, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba.

2 Timothea 3:16
Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona,

Tšenolo 4:6-8
[6] Kapele ho terone ho ne ho ka lewatle le kang kgalase, le benyang jwaloka lehakwe. Bohareng ba terone, le ho e potapota, ho ne ho ena le dibopuwa tse nne tse phelang. Di ne di ena le mahlo a mangatangata kapele le kamorao.[7] Sebopuwa se phelang sa pele, se ne se tshwana le tau. Sebopuwa se phelang sa bobedi, se ne se tshwana le pohwana. Sebopuwa se phelang sa boraro, se ne se ena le sefahleho se kang sa motho. Sebopuwa se phelang sa bone, se ne se tshwana le ntsu e fofang.[8] Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re: “O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo ya matla wohle, ya bileng teng, ya leng teng, ya tlang ho tla.”

Numere 5:11-31
[11] Morena a bua ho Moshe, a re:[12] “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha mosadi wa monna e mong a etsa phoso, mme a sa tshepahale ho monna wa hae,[13] ka ho feba le monna e mong; leha eba monna eo wa hae a se na bopaki bo lekaneng ba taba eo, hoo ho silafala ha mosadi ho salang ho sa pakahala ka baka la ho hloka paki e mo tshwereng a ntse a feba;[14] kapa haeba motho a hlolwa ke lefufa le etsang hore a belaelle mosadi wa hae, ebang o itshilafaditse kapa tjhe;[15] monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista, mme a tle a nkile nyehelo ya mosadi eo, ya phofo ya harese e boima ba dikilo tse pedi. Empa a se ke a tshela ole, kapa mokubetso hodima yona, hobane ke nyehelo ya phofo, ya lefufa; ke nyehelo ya phofo e etsetswang hore ho nne ho hopolwe molato oo.[16] “ Moprista o tla fetisetsa mosadi eo kapele, a mo emise kapele ho Morena.[17] O tla tshela metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, a tshele le lerole leo a le nkileng fatshe, ka Tenteng ya Morena.[18] Moprista o tla emisa mosadi eo kapele ho Morena, a hlantholle moriri wa mosadi eo, a mo nkise nyehelo ya phofo ya kgopotso, ya lefufa, moprista yena a ntse a nkile metsi a letswai, a tlisang thohako.[19] Jwale moprista o tla hlapantsha mosadi eo, a re ho yena: Haeba ha ho monna eo o ileng wa feba le yena, mme eba ha o eso etse phoso ka ho itshilafatsa le monna e mong, ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, metsi ana a letswai a se ke a o tlisetsa thohako.[20] Empa haeba o ile wa etsa phoso ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, eba o silafatse, mme o ile wa feba le monna e mong eo e seng monna wa hao,[21] moprista o tla hlapantsha mosadi eo ka kano ya thohako, mme a re ho mosadi eo: “Morena a ke a o etse mohlala wa thohako hara setjhaba sa heno, ka hore mpa ya hao e hohomohe, o senyehelwe.[22] Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.” “ Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!”[23] “ Moprista o tla ngola dithohako tsena pampiring, ebe o di hlatswetsa ka metsing a letswai.[24] Jwale moprista a nwese mosadi eo metsi ao a letswai, a tlisang thohako, hore a kene ka maleng a hae, a mo lomise mala.[25] Ebe moprista o nka nyehelo ya phofo, ya lefufa, e matsohong a mosadi, o e akgotsa kapele ho Morena, ebe o e isa aletareng.[26] A ngwathe phofo eo ya nyehelo ka seatla, e le kgopotso, a e tjhesetse hodima aletare, a nto nwesa mosadi eo metsi ao.[27] Ha a se a mo nwesitse metsi ao, mme eba o silafetse, o sitetswe monna wa hae, metsi ao a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae, a mo lomise mala, ebe mpa ya hae e a hohomoha, o fetoha nyopa. Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara setjhaba sa habo.[28] Empa haeba mosadi eo a sa silafala, eba o ntse a hlwekile, ha a na ho hlahelwa ke letho, mme o tla nne a belehe.[29] “ Ona ke molao wa lefufa. Ha mosadi a etsa phoso, empa a ntse a le tlasa taolo ya monna wa hae, mme a itshilafatsa;[30] kapa ha moya wa lefufa o kenela monna, hoo a belaellang mosadi wa hae, o tla isa mosadi eo kapele ho Morena, mme moprista o tla phethahatsa molao ona wohle hodima hae.[31] Monna o tla hloka molato, empa mosadi yena o tla jara molato wa hae. ”

1 Marena 7:23
Jwale Hirame a etsa tanka e tjhitja ka lethose le qhibidisitsweng. Botebo ba yona e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bolelele ba boahlamo ba yona e le dimethara tse nne le halofo, bolelele ba ho e potapota e le dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo.

Phetolelo 6:4
“Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela.

Malakia 3:10
Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.

Lipesaleme 104:9
Wa a sehela moedi oo a ke keng a o tlola, hore a se hlole a kwahela lefatshe hape.

Genese 6:12
Modimo a bona hore lefatshe le bodile, batho bohle ba itshilafaditse.

Genese 7:20
Metsi a nna a kokomoha ho fihlela a etsa dimethara tse supileng kahodimo ho dithaba.

Genese 8:5-9
[5] Metsi a nna a tswela pele ho fokotseha ho fihlela ka kgwedi ya leshome; mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome ditlhoro tsa dithaba tsa hlaha.[6] Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane, Nowe a bula fesetere eo a neng a e entse arekeng.[7] A ntsha lekgwaba; lona la tswa, la nna la solla, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng.[8] Jwale a ntsha leeba, ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatsheng.[9] Empa leeba la se ke la fumana moo le ka beang leoto teng, mme la kgutlela ho yena ka arekeng, hobane metsi a ne a sa tletse hohle lefatsheng. A nanabetsa letsoho la hae, a tshwara leeba, a le kgutlisetsa ho yena ka arekeng.

Genese 9:11
Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.”

Genese 1:31
Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.

Genese 3:15
Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”

1 Bakorinthe 10:13
Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.

Exoda 20:13
“O se ke wa bolaya.

Sotho Bible 1989
© Bible Society of South Africa. All rights reserved