A A A A A

Molimo: [Livaerase / Maloetse]


Esaia 26:20
Ikeleng tjhaba sa ka, le kene kamoreng tsa lona, ha le se le kene, le ikwalle kahara tsona, le ipate ho se hokae, kgalefo e be e fele.

Jeremia 25:32-33
[32] Morena wa mabotho o bua tjena: “Koduwa e tla aparela ditjhaba! Lehodiotswana le tla tsoha, le tla tsoha pheletsong tsa lefatshe!”[33] Mohla tsatsi leo, bao Morena a ba bolaileng ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya fihla ho e nngwe. Ha ba ka ke ba llelwa, ditopo tsa bona ha di ka ke tsa phuthwa leha e le ho epelwa; di tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.

2 Likronike 7:13-14
[13] “Ha ke etsa hore letsatsi le eme, pula e se ke ya na, kapa ke laela ditsie ho kumola naha, kapa ke romela sewa hara setjhaba sa ka,[14] haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.

Tšenolo 6:3-8
[3] Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bobedi, ka utlwa sebopuwa sa bobedi se phelang, se re: “Tloo!”[4] Yaba ho tswa pere e nngwe hape, e kgunong. Ya e palameng a newa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, e le hore batho ba tle ba bolayane. A ba a newa sabole e kgolohadi.[5] Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa boraro, ka utlwa sebopuwa sa boraro se phelang, se re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e ntsho, ya e palameng a nkile sekala ka letsohong la hae.[6] Ka utlwa ho kang lentswe le tswang hara dibopuwa tse nne tse phelang, le re: “Seroto sa koro se rekwa ka denare; diroto tse tharo tsa harese di rekwa ka denare, empa le se ke la senya ole le veine.”[7] Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa sa bone se phelang, le re: “Tloo!”[8] Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha.

1 Samuele 5:6
Morena a otla baahi ba Ashedode habohloko; a ba timetsa, a ba bolaya ka mathopa a mokoteng, a bolaya baahi ba Ashedode le ba metsana e mathokong a yona.

2 Bakorinthe 4:7
Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.

Exoda 20:3
“O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.

James 4:10
Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.

Matheu 6:24
“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.

Bafilippi 4:6
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.

Lipesaleme 103:2-3
[2] Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae.[3] Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela.

Numere 11:31-33
[31] Ha tsoha moya o tswang ho Morena, wa tlisa dikwekwe tse tswang lewatleng; wa di hasanya diahelong, le ho potapota. Bonamo ba sebaka seo di neng di se kwahetse, ho tloha mahlakoreng wohle a diahelo, e ne e le sa leeto la letsatsi ho tloha diahelong; di ne di fofa, di phahametse lefatshe ka bophahamo bo ka etsang methara e le nngwe.[32] Setjhaba sa ema ka maoto letsatsi leo lohle, le bosiu bohle, le ka letsatsi lohle le latelang, sa bokella dikwekwe. Ya neng a bokeletse hanyenyane o ne o bokeletse tse ka bang boima ba dikilo tse sekete. Ba di beka dihwapa, ba di aneha ho potapota diahelo.[33] Yare ba sa ntse ba lomme nama, ba eso e hlafune le ho e hlafuna, kgalefo ya Morena ya ba laimela, Morena o otla setjhaba ka sewa se tshabehang.

Exoda 9:8-11
[8] Jwale Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ngwathang molora ka seboping, le tlatse matsoho a lona, mme Moshe a o hasetse hodimo, Faro a ntse a tadimile.[9] Molora oo o tla fetoha lerole hodima naha yohle ya Egepeta, mme ha o wela hodima batho le hodima diphoofolo, naheng yohle ya Egepeta, o tla hlahisa lethopa le tla fetoha diso tse phephethang boladu.”[10] Yaba ba ngwatha molora ka seboping, ba ema kapele ho Faro. Moshe a o hasetsa hodimo, mme wa hlahisa mathopa a ileng a fetoha diso tse phephethang boladu bathong le diphoofolong.[11] Dingaka tsa hlolwa ho ema kapele ho Moshe, ka baka la diso, hobane diso di ne di tswile dingaka le Baegepeta bohle.

James 1:2-6
[2] Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta,[3] hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.[4] Mamello e ke e hlahise mosebetsi o phethehileng, e le hore le be batho ba phethehileng ka ho tlala, ba sa hlokeng letho.[5] Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.[6] Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.

Tšenolo 9:15-19
[15] Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a neng a se a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le selemo, e leng nako eo a tla bolaya karolo ya boraro ya batho ka yona.[16] Palo ya dimphi tsa bapalami e ne e le makgolo a mabedi a dikete tsa dikete; ka utlwa ha ho bolelwa palo ya bona.[17] Ponong eo dipere le bapalami ba tsona ba ne ba tadimeha tjena: Ba ne ba itshireleditse difuba ka dintho tse tshwanang le mollo, le lehakwe la safire, le sebabole ka mmala, mme dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau, melomong ya tsona ho betseha mollo, le mosi, le sebabole.[18] Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka dikotlo tsena tse tharo, e leng mollo, le mosi, le sebabole, tse betsehang melomong ya tsona.[19] Matla a dipere tseo a melomong le mehatleng ya tsona. Mehatla ya tsona e tshwana le dinoha, e na le dihlooho tseo e senyang ka tsona.

Mark 13:32-37
[32] “Empa letsatsi leo kapa hora eo, ha ho ya di tsebang; esita le mangeloi a lehodimong kapa Mora ha a tsebe, haese Ntate.[33] Hlokomelang, le fadimehe, hobane ha le tsebe hore na nako eo e tla tla neneng.[34] Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.[35] “Ha ho le jwalo fadimehang, hobane ha le tsebe hore na monga ntlo o tla tla neneng, mantsiboya kapa ka seroko, ka dialla kapa kameso,[36] esere mohlomong a le tsometsa, a le fumana le robetse.[37] Jwale seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Fadimehang!”

Lipesaleme 91:2-14
[2] o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”[3] Ke yena ya tla o tshwasolla lerabeng la setsomi, le lefung le timetsang la sewa.[4] O tla o kwahela ka masiba a hae, o tshabele tlasa mapheo a hae. Botshepehi ba hae ke thebe le thejana:[5] O ke ke wa tshaba ditshosa tsa bosiu, kapa metsu e bebang motsheare,[6] leha e le lefu la sewa le kgukgunang lefifing, leha e le koduwa e timetsang hara mpa ya motsheare.[7] Batho ba sekete ba ka wa, ba wa lehlakoreng la hao, le ba kete tse leshome ka letsohong la hao le letona; empa wena o ke ke wa hlahelwa ke letho.[8] O tla bona ka mahlo a hao ha ba kgopo ba putswa.[9] Kahobane o entse Morena setshabelo sa hao, mme Ya Hodimodimo o mo entse qhobosheane ya hao,[10] ha ho bobe bo ka o welang hodimo, ha ho kotlo e ka atamelang motlotlwane wa hao.[11] O tla laela mangeloi a hae, a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.[12] A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.[13] O tla hata tau le marabe, o hatakele tawana le noha.[14] “Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,” ho rialo Morena, “ke mo sireletse, hobane o tseba lebitso la ka.

Luka 21:5-38
[5] Yare ha ba bang ba bua ka Tempele, ba re e kgabisitswe ka majwe a matle le ka dinyehelo, Jesu a re:[6] “Ha e le tseo le di bonang, ho tla tla matsatsi ao ka wona ho ke keng ha siuwa lejwe hodima lejwe le leng le sa heletswa.”[7] Ba mmotsa, ba re: “Moruti, dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ha tseo di se di tla etsahala?”[8] A re: “Hlokomelang hore le se ke la tshoha le kgeloswa, hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna, ba be ba re: Nako e atametse. Le se ke la ba sala morao.[9] Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le meferefere, le se ke la tshoha, hobane eka kgona tseo di etsahale pele, empa bofelo bo ke ke ba eba teng hanghang.”[10] Yaba o re ho bona: “Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane.[11] Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong.[12] “Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.[13] Hona ho tla etsa hore le mpake.[14] Ka hona qetelang ka dipelong tsa lona hore ha le na ho itokisetsa boitshireletso ba lona,[15] hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.[16] Batswadi ba lona, le bana babo lona, ba tla neelana ka lona, mme ba tla bolaya ba bang ba lona.[17] Bohle ba tla le hloya ka baka la lebitso la ka.[18] Empa ha ho ka ke ha lahleha leha e le qoba e le nngwe ya moriri hloohong tsa lona.[19] Ka tiisetso ya lona le tla ithuela bophelo.[20] “Etlare ha le bona Jerusalema e teelwa hare ke mabotho, le tsebe hore ho ripitlwa ha yona ho atametse.[21] Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng, ba hara motse ba tswe, mme ba naheng ba se ke ba kena ho wona,[22] hobane ke wona matsatsi a phetetso, ho tle ho phethahale tsohle tse ngotsweng.[23] Matsatsing ao ho tla ba madimabe baimana le batswetse. Tlokotsi e tla ba kgolo lefatsheng, le kgalefo ya Modimo setjhabeng sena.[24] Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.[25] “Ho tla ba le dipontsho letsatsing, kgweding, le dinaleding. Lefatsheng ditjhaba di tla ba matswalong le tsielehong ka baka la modumo wa lewatle le maqhubu.[26] Batho ba tla akgeha ke tshabo le tebello ya tse tlang lefatsheng, hobane dinaledi tsa lehodimo di tla tsukutleha.[27] Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le lerung, ka matla le ka tlotla e kgolo.[28] E tle ere ha tsena di qala ho etsahala le pashalle, le phahamise dihlooho, hobane topollo ya lona e atametse.”[29] Jesu a ba bolella setshwantsho, a re: “Tadimang sefate sa feiye le difate tsohle:[30] Ha le di bona di fupa, le tseba ka bolona hore lehlabula le se le le haufi.[31] Ka mokgwa o jwalo le lona, ha le bona tsena di etsahala, le tsebe hore Mmuso wa Modimo o haufi.[32] “Ruri ke a le bolella hore moloko ona ha o ka ke wa fela tsena tsohle di eso etsahale.[33] Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.[34] “Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,[35] hobane jwaloka sefi, le tla pitla bohle ba ahileng lefatsheng lohle.[36] Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”[37] Jesu o ne a ruta ka Tempeleng motsheare, empa bosiu o ne a etswa, a ya hlola thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare,[38] mme batho bohle ba ne ba tsohella ho yena Tempeleng ho ya mo mamela.

Matheu 24:1-35
[1] Ha Jesu a tloha Tempeleng a tsamaya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mmontsha mehaho ya Tempele.[2] A ba botsa, a re: “Na tsee kaofela le a di bona? Ruri ke a le bolella hore ha ho na lejwe le tla sala hodima le leng mona; a tla heletswa kaofela.”[3] Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”[4] Jesu a ba araba, a re: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe![5] Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, mme ba tla kgelosa ba bangata.[6] Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.[7] Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata.[8] Dintho tsena tsohle ke qaleho ya ditlokotsi.[9] “Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatswe, mme ba tla le bolaya. Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka baka la lebitso la ka.[10] Jwale ba bangata ba tla wa, ba ekane, ba hloyane.[11] Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata,[12] mme ka baka la ho ata ha bokgopo lerato la ba bangata le tla qepha.[13] Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa.[14] Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.”[15] “Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang![16] Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng;[17] motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha ho ya ntsha thepa ka tlung ya hae;[18] le motho ya masimong a se ke a ba a kgutlela hae ho ya lata seaparo sa hae.[19] Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao![20] Rapelang hore paleho ya lona e se be ka nako ya mariha kapa ka tsatsi la Sabatha,[21] hobane mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse kgolo, tse esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.[22] Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.[23] Mohlang oo haeba motho a ka re ho wena: Bona, Kreste ke enwa! kapa: Bona, ke eo! le se ke la ba la dumela,[24] hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.[25] Jwale, ke le boleletse e sa le pele.[26] “Ka baka leo, haeba ba re ho lona: Bonang, o teng feelleng! le se ke la ya teng; kapa: Bonang, o phaposing! le se ke la ba la dumela,[27] hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.[28] Kae le kae moo sefifi se leng teng matlaka a tla bokana teng.”[29] “Hanghang kamora ditlokotsi tsa matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa; dinaledi di tla wa lehodimong, mabotho a mahodimo a tla tsukutleha.[30] “Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.[31] O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”[32] “Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi.[33] Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako.[34] Ruri ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale.[35] Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”

Sotho Bible 1989
© Bible Society of South Africa. All rights reserved