Lipesaleme 144:14 |
makgomo a rona a ke a emare, a se folotse kapa a shwelwa ke manamane, ho se be diboko mabaleng a motse. |
|
Nehemia 8:1 |
Setjhaba sohle sa kgobokana lebaleng le pela Monyako wa Metsi, se le kgopolo e le nngwe. Sa re ho Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao, a tlise Buka ya Molao wa Moshe, oo Morena a neng a o beele bana ba Iseraele. |
|
Esaia 24:11 |
Diterateng tsohle batho ba llela veine, menyaka yohle le yona e se fedile, lefatsheng lohle medidietsane ha e sa utlwahala. |
|
Jeremia 14:2 |
“Juda e bofifing, metse e shwa ke lenyora, tjhaba se rapaletse fatshe, se apere bofifi, sello sa Jerusalema le sona se hlaba hodimo! |
|
Liproverbia 23:29 |
Ya madimabe ke mang? Ya hlomohileng ke mang? Ya dikgang ke mang? Ya tletlebang ke mang? Ya meupa ya bosawana ke mang? Ya mahlomafubedu ke mang? |
|
Bafilippi 4:6-7 |
[6] Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.[7] Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu. |
|
Sotho Bible 1989 |
© Bible Society of South Africa. All rights reserved |