Liketso 8:23 |
etswe ke bona hore o na le takatso e mpe, mme o ditlamong tsa bokgopo.” |
|
Bakolose 3:8-13 |
[8] empa kajeno lahlang tsena tsohle: bohale, le kgalefo, le lonya. Bonyefodi le dipolelo tse hlabisang dihlong di se tswe melomong ya lona.[9] Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.[10] Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.[11] Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.[12] Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.[13] Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse. |
|
Moeklesia 7:9 |
O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona. |
|
Baefese 4:26 |
Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. |
|
Ezekiele 3:14 |
Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo. |
|
Esaia 38:17 |
Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka. |
|
Jobo 7:11 |
Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile. |
|
Jobo 10:1 |
“Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile. |
|
Jobo 21:25 |
e mong o shwa a hlorile moyeng, le boiketlo a sa ka ba bo tseba; |
|
Mark 11:25 |
Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona. |
|
Liproverbia 10:12 |
Lehloyo le fehla moferefere, athe lerato lona le iphapanyetsa diphoso tsohle. |
|
Liproverbia 14:10 |
Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae, ha ho e mong ya ka utlwang thabo ya yona. |
|
Liproverbia 15:1 |
Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale. |
|
Liproverbia 17:25 |
Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa. |
|
Baroma 3:14 |
lehano la bona le tletse mahlapa le tse babang; |
|
Matheu 6:14-15 |
[14] “Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela;[15] athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona. |
|
James 1:19-20 |
[19] Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,[20] hobane motho ya halefileng a ke ke a etsa ho lokileng pela Modimo. |
|
Baheberu 12:14-15 |
[14] Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.[15] Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata. |
|
Baefese 4:31-32 |
[31] Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle.[32] Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste. |
|
Sotho Bible 1989 |
© Bible Society of South Africa. All rights reserved |