1 Johanne 2:9 |
Ya reng yena o leseding, empa a hloile ngwanabo, o sa ntsane a le lefifing le jwale. |
|
1 Johanne 3:15 |
Mang le mang ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya ka bang le bophelo bo sa feleng ka ho yena. |
|
2 Timothea 1:7 |
Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro. |
|
Phetolelo 31:6 |
Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.” |
|
Baefese 4:29 |
Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo. |
|
Baefese 6:12 |
Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng. |
|
Levitike 19:18 |
“ O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena. |
|
Matheu 5:11 |
“Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka. |
|
Liproverbia 17:9 |
Ya lalang diphoso ka mmele o qeka ho ratwa, athe ya di pepesang yena o senya setswalle. |
|
Liproverbia 22:10 |
Leleka mosomi mme qabang di tla fela, diphapang le mahlapa le tsona di kgaotse. |
|
Liproverbia 24:16 |
hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa. |
|
Lipesaleme 138:7 |
Leha nka phela hara ditsietsi, wena o baballa bophelo ba ka; letsoho la hao le ntshireletsa bohaleng, bohaleng ba dira tsa ka, letsoho la hao le letona le a mpholosa. |
|
Baroma 2:1 |
Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo. |
|
Baroma 12:18-19 |
[18] Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.[19] Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena. |
|
Baroma 12:20-21 |
[20] Empa: “Ha sera sa hao se lapile, se fepe; ha se nyorilwe, se fe metsi se nwe; ka ho etsa jwalo o se hlabisa dihlong.”[21] O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle. |
|
Luka 6:27-28 |
[27] “Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle,[28] hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe. |
|
Matheu 5:44-45 |
[44] Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,[45] hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. |
|
Esaia 41:11-13 |
[11] “Batho bohle ba o halefelang ba tla tlontloloha, ba aparelwe ke dihlong; batho bohle ba lwantshanang le wena ba tla fetoha lefeela, ba be ba timele.[12] Leha o ka tsoma dira tsa hao, ha o ka ke wa ba wa di fumana. Batho ba o futuhelang ka ntwa ba tla tshwana le lefeelafeelane,[13] hoba ke nna Morena, Morena Modimo wa hao, ya utlang tsoho la hao le letona, ya reng: Se tshabe, nna ke tla o thusa. |
|
Matheu 5:38-41 |
[38] “Le utlwile hore ho ile ha thwe: Leihlo le tla phetetswa ka leihlo, leino ka leino![39] Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;[40] ya ratang ho o qosa le ho nka seaparo sa hao, o mo tlohelle le yona kobo,[41] mme ya o qophellang ho tsamaya le yena mehato e sekete, o ye le yena mehato e kete di pedi. |
|
Lipesaleme 34:12-18 |
[12] Tloong, bana ba ka, le mmamele, ke tla le ruta ho tshaba Morena.[13] Ke mang wa lona ya lakatsang ho phela, ya ratang ho bona matsatsi a thabo?[14] Tshwara leleme la hao le se bue tse mpe, le molomo wa hao o se bue leshano.[15] Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle.[16] Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe.[17] Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.[18] Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona. |
|
Sotho Bible 1989 |
© Bible Society of South Africa. All rights reserved |