Baefese 4:26-31 |
[26] Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.[27] Le se ke la fa Diabolosi monyetla.[28] Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.[29] Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.[30] Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.[31] Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle. |
|
James 1:19-20 |
[19] Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,[20] hobane motho ya halefileng a ke ke a etsa ho lokileng pela Modimo. |
|
Liproverbia 29:11 |
Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona, empa ya bohlale yena o a e bipa. |
|
Moeklesia 7:9 |
O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona. |
|
Liproverbia 15:1 |
Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale. |
|
Liproverbia 15:18 |
Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa. |
|
Bakolose 3:8 |
empa kajeno lahlang tsena tsohle: bohale, le kgalefo, le lonya. Bonyefodi le dipolelo tse hlabisang dihlong di se tswe melomong ya lona. |
|
James 4:1-2 |
[1] Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona?[2] Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo. |
|
Liproverbia 16:32 |
Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse. |
|
Liproverbia 22:24 |
O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana, |
|
Matheu 5:22 |
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: Sethoto towe! o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: Tseketseke towe! o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele. |
|
Lipesaleme 37:8-9 |
[8] Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale; o se ke wa itlhonamisa, esere wa etsa bobe.[9] Ba etsang bokgopo ba tla fediswa; empa ba tshepang Morena lefatshe e tla ba lefa la bona. |
|
Lipesaleme 7:11 |
Thebe ya ka ke Modimo, ya pholosang ba pelo di ntle. |
|
2 Marena 11:9-10 |
[9] Balaodi ba ba makgolo ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng; motho le motho a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha, le ba phomolang ka Sabatha, ba ya ho moprista Jehoyada.[10] Moprista a nea balaodi ba ba makgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Morena. |
|
2 Marena 17:18 |
Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela. |
|
Liproverbia 14:29 |
Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto. |
|
Sotho Bible 1989 |
© Bible Society of South Africa. All rights reserved |