A A A A A

Tlatsetso: [Ho ja batho]


Jeremia 19:9
Ke tla etsa hore ba je nama ya bara le baradi ba bona, motho ka mong a je nama ya setopo sa motswalle wa hae nakong ena ya tsietsi, eo ka yona dira tsa bona, tse batlang ho ba bolaya, di tla be di ba etseditse thibella.

Ezekiele 5:10
Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.

Levitike 26:29
Le tla ja nama ya bara le baradi ba lona.

2 Marena 6:28-29
[28] Kgosi ya boela ya re ho yena: “O jewa keng?” Mosadi eo a araba, a re: “Mosadi enwa o itse ho nna: Tlisa ngwana wa hao, re mo je kajeno; hosasane re tla ja wa ka![29] Ra fela ra pheha ngwana wa ka, ra mo ja. Ka la hosasane ka re ho yena: Tlisa ngwana wa hao, re mo je; empa jwale o patile ngwana wa hae.”

Lillo Tsa Jeremia 4:10
Basadi ba nang le motlopotlo wa ho tswala, ka matsoho a bona ba apeha bana ba bona; ba ba apeha, ya eba dijo tsa bona, nakong ya ha tjhaba sa heso se timetswa.

Lillo Tsa Jeremia 2:20
“Oho, Morena, bona, ako inahane: Eo o kila mo etsa tjee ke mang? Na basadi ba lokela ho ja masea a bona, ba je bana bao ba ba hodisitseng? Na moprista le moporofeta ba lokela ho bolawa, ba bolaelwa ka Sehalalelong, Halalelong sa Morena?

Phetolelo 28:53-57
[53] “Tsietsing ena ya ho thibellwa, eo dira di tla o etsetsa yona, o tla ja bana ba hao, e leng nama ya bara ba hao le ya baradi ba hao, bao o ba neilweng ke Morena Modimo wa hao.[54] Monna ya bonolo, ya bokotswang haeno, o tla sheba ngwanabo, le mosadi wa hae eo a mo ratang haholo, le bana ba hae ba sa setseng, ka leihlo le lebe.[55] A ke ke a fa ofe kapa ofe wa bona, nama ya bana ba hae, bao a tla ba ja, hobane ha a sa saletswe ke letho ka baka la thibella ena, le tsietsi ena eo dira di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya hao.[56] Mosadi ya bonojwana, ya bokotswang haeno, ya neng a ke ke a leka le ho hata fatshe ka baka la bonolo ba hae, le ho bokotswa, o tla sheba monna wa hae, eo a mo ratang haholo, le mora wa hae, le moradi wa hae, ka leihlo le lebe.[57] Kobo ya ngwana wa hae wa lesea, e tswang pakeng tsa dinoka tsa hae, o tla e ja ka lekunutu; a je esita le bana bao a ba tswetseng, hobane a hloka tsohle, ka baka la thibella ena le tsietsi ena, eo dira tsa hao di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya heno.

Genese 1:26-27
[26] Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”[27] Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.

2 Bakorinthe 5:8
Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.

Luka 16:19-26
[19] “Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.[20] Mofutsana e mong ya bitswang Lasaro o ne a beilwe mathuleng a ntlo ya morui eo, a tletse diso.[21] O ne a lakatsa ho iphepa ka tse wang tafoleng ya morui. Le dintja di ne di etla di nyeka diso tsa hae.[22] “Jwale ha etsahala hore mofutsana a shwe, mme mangeloi a mo nkele sefubeng sa Aborahama. Le morui a shwa, mme a patwa.[23] Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.[24] Yena a howa, a re: Ntate Aborahama, ako nkutlwele bohloko! Roma Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka, hobane mollo ona o tjhesa habohloko![25] “Empa Aborahama a re: Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.[26] Ntle ho tsena tsohle, kgohlo e kgolo e teng pakeng tsa rona le lona, e le hore ba ratang ho tloha mona ba tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba tlohang moo ba tshelela ho rona.

Tšenolo 20:11-15
[11] Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.[12] Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.[13] Lewatle la hlatsa bafu ba lona, Lefu le Nqalo ya Bafu tsa ntsha bafu ba tsona, mme e mong le e mong a ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae.[14] Jwale Lefu le Nqalo ya Bafu tsa akgelwa letsheng la mollo. Letsha lena la mollo ke lona lefu la bobedi.[15] Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.

Phetolelo 28:53
“Tsietsing ena ya ho thibellwa, eo dira di tla o etsetsa yona, o tla ja bana ba hao, e leng nama ya bara ba hao le ya baradi ba hao, bao o ba neilweng ke Morena Modimo wa hao.

1 Bakorinthe 14:34-35
[34] eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa.[35] Haeba ho ena le seo ba lakatsang ho se tseba, eka kgona ba botse banna ba bona ha ba le malapeng a bona, hobane ho dihlong hore mosadi a bue phuthehong.

Luka 1:37
hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.”

John 1:1
Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.

Phetolelo 28:57
Kobo ya ngwana wa hae wa lesea, e tswang pakeng tsa dinoka tsa hae, o tla e ja ka lekunutu; a je esita le bana bao a ba tswetseng, hobane a hloka tsohle, ka baka la thibella ena le tsietsi ena, eo dira tsa hao di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya heno.

1 Timothea 2:11-15
[11] Mosadi a mamele thuto a kgutsitse, ka boikokobetso bohle.[12] Ha ke dumelle mosadi ho ruta kapa ho laola monna, empa o lokela ho kgutsa,[13] hobane Adama o ile o boptjwa pele, ya nto ba Eva.[14] Hase Adama ya ileng a thetswa, ke mosadi ya ileng a thetswa, mme a tlola molao.[15] Empa basadi ba tla pholoswa ka ho beleha bana, ha feela ba tiisetsa tumelong, le leratong, le kgalalelong, mme ba itlhompha.

1 Timothea 5:3-16
[3] Hlompha bahlolohadi ba se nang le moneketsela.[4] Empa ha mohlolohadi a ena le bana kapa ditloholo, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha ditshwanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batswadi dithuso tsa bona. Hona ho kgahlisa Modimo.[5] Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare.[6] Empa mohlolohadi ya iphelelang menyakeng, o shwele a ntse a tsamaya.[7] Ba laele tsena, e le hore ba tle ba hloke kodi.[8] Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.[9] Lenaneng la bahlolohadi ho se ngolwe ya katlasa dilemo tse mashome a tsheletseng, le hona e be ya ileng a nyalwa hanngwe feela.[10] Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.[11] Bahlolohadi ba sa leng batjha bona o ba hane, hobane ha ditakatso tsa bona di ba furallisa Kreste, ba tla rata ho nyalwa hape.[12] Ha ba ka etsa jwalo, ba tla lokelwa ke kahlolo, kaha ba lahlile boitlamo ba bona ba pele.[13] Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang.[14] Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.[15] Bahlolohadi ba bang ba se ba ile ba lahleha ka ho sala Satane morao.[16] Ha ho ena le modumedi wa mosadi ya amanang le bahlolohadi, a ba thuse, kereke e tle e se ke ya imetswa, mme e tsebe ho thusa bahlolohadi ba se nang le moneketsela.

1 Bakorinthe 11:2-16
[2] Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.[3] Empa ke rata hore le utlwisise hore Kreste ke hlooho ya monna e mong le e mong, monna ke hlooho ya mosadi, athe Modimo ke hlooho ya Kreste.[4] Monna e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta a rwetse ho hong hloohong, o tlontlolla Kreste.[5] Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana.[6] Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong.[7] Ha ho hlokahale hore monna a rwale letho hloohong, hobane ke setshwantsho sa Modimo, mme o bontsha tlotla ya hae. Empa mosadi yena o bontsha tlotla ya monna wa hae.[8] Etswe mosadi o tswile ho monna, athe monna ha a ya tswa ho mosadi.[9] Ebile mosadi o bopilwe ka baka la monna, athe monna ha ya bopjwa ka baka la mosadi.[10] Ka baka la mangeloi, mosadi o tshwanetse ho rwala ho hong hloohong, e leng pontsho ya hore o tlasa taolo ya monna wa hae.[11] Athe mahlong a Morena, monna ke wa bohlokwa ho mosadi, le mosadi ke wa bohlokwa ho monna,[12] hobane jwalokaha mosadi a tswile ho monna, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo.[13] Ikahloleleng e le lona. Na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala letho hloohong?[14] Ka tlhaho ho a tlontlolla hore monna a hodise moriri wa hae.[15] Empa ha mosadi a hodisa moriri wa hae e ba tlotla ho yena, hobane o neilwe moriri o molelele, hore e tle e be lesira ho yena.[16] Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela.

Sotho Bible 1989
© Bible Society of South Africa. All rights reserved