A A A A A

Tlatsetso: [Bokhoba]


1 Bakorinthe 7:21
Ha o bitsitswe o le lekgoba, o se ke wa itshwenya. Empa leha o ka lokoloha bokgobeng, thabela tokoloho eo.

1 Petrose 2:16-18
[16] Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.[17] Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.[18] Lona bahlanka, ikokobeletseng beng ba lona ka tshabo yohle; e seng ba lokileng le ba mosa feela, empa le bona ba kgopo.

1 Timothea 1:10
dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete.

1 Timothea 6:1
Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.

Bakolose 3:22
Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe dinthong tsohle. Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, le mpe le ho etsa ka botshepehi, ka ho tshaba Morena.

Bakolose 4:1
Lona beng ba makgoba, tshwarang makgoba a lona hantle, le ka toka. Tsebang hore le lona le na le Morena lehodimong.

Phetolelo 23:15
“Lekgoba le tshabetseng ho wena o se ke wa le kgutlisetsa ho monga lona eo le balehileng ho yena.

Phetolelo 24:7
“Ha motho a fumanwa a utswa e mong wa bana babo, eo e leng wa bana ba Iseraele, a mo etsa lekgoba, kapa a mo rekisa, leshodu leo le tla bolawa, mme ebe o fedisa jwalo bokgopo hara lona.

Baefese 6:5-9
[5] Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe ka tshabo, le ka thothomelo, le ka botshepehi, jwaloka hoja le sebeletsa Kreste.[6] Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, empa jwaloka makgoba a Kreste a etsang thato ya Modimo ka pelo yohle.[7] Le ba sebeletse ka moya o motle, jwaloka hoja le sebeletsa Morena, e seng batho.[8] Tsebang hore motho ka mong o tla fumana moputso ho Morena, ka baka la tsohle tse lokileng tseo a di etsang, le haeba motho eo e le lekgoba kapa molokolohi.[9] Le lona beng ba makgoba, le a etse jwalo, le sa a sokele. Tsebang hore lona le wona le na le Morena a le mong mahodimong, ya sa yeng ka tshobotsi.

Exoda 21:2
“Ha o reka lekgoba leo e leng Moheberu, le tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, mme ka selemo sa bosupa le tla lokoloha le sa lefe letho.

Exoda 21:7-32
[7] “Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna.[8] Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse.[9] Ha a le nyadisa mora wa hae o tla le etsetsa moetlo o etsetswang barwetsana.[10] Haeba a nyala mosadi e mong, a se ke a le sekisetsa ka dijo, kapa ka diaparo, kapa ka ditokelo tsa lona tsa lenyalo.[11] Ha a sa le etsetse letho la tsena tse tharo, le tla itsamaela feela, le sa lefa tjhelete.”[12] “Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa.[13] Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng.[14] Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.[15] “Ya otlang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.[16] “Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa.[17] “Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.”[18] “Ha banna ba phehisana kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe kapa ka setebele, eba eo ha a shwe, o robala diphateng tsa hae feela;[19] haeba a ka tsoha, mme a tsamaya kantle, a ikokotlela ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fumanwa a le molato, feela o tla lefella nako eo a e dutseng a sa etse letho, a be a mo oke ho fihlela a fola.[20] “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa.[21] Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae.[22] “Haeba banna ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, eba mosadi eo o a senyehelwa, feela a sa tswe kotsi, ba mo thutseng ba tla lefiswa ke baahlodi ho ya kamoo monna wa mosadi eo a ka bolelang kateng.[23] Empa haeba ho hlaha kotsi, ho tla lefeletswa bophelo ka bophelo;[24] leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto;[25] ho tjheswa ka ho tjheswa, leqeba ka leqeba, moupa ka moupa.[26] “Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, leihlong, mme a qhinyetsa leihlo leo, o tshwanetse ho lokolla lekgoba, e le tefo bakeng sa leihlo la lona.[27] Haeba motho a kgorola leino la lekgoba la hae la monna, kapa leino la lekgoba la hae la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo, e le tefo bakeng sa leino la lona.”[28] “Haeba pholo e hlaba monna kapa mosadi, mme eba o a shwa, ruri pholo eo e tla tlepetswa ka majwe; nama ya yona e ke ke ya jewa, mme monga yona ha a na molato.[29] Empa ha pholo eo e tlwaetse ho hlaba batho, mme monga yona a se a nnile a hlokomediswa, feela a sa e dise, jwale e hlaba monna kapa mosadi, e mmolaya, pholo eo e tla tlepetswa ka majwe, mme le monga yona o tla bolawa.[30] Haeba a lefiswa ho pholosa bophelo ba hae, a lefe tjhelete yohle eo ho thweng a e lefe.[31] Haeba pholo ena e hlaba moshanyana, kapa e hlaba ngwanana, ho tla latelwa kahlolo ena.[32] Haeba pholo ena e hlaba lekgoba la monna kapa e hlaba lekgoba la mosadi, monga yona o tla lefa monga lekgoba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano, mme pholo yona e tlepetswe ka majwe.

Bagalata 3:28
Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.

Bagalata 5:1
Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.

Exoda 21:16
“Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa.

Levitike 25:39
“ Ha ngwaneno a futsaneha, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa jwaloka lekgoba.

Luka 4:18
“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,

Filemone 1:16
Empa jwale ha e sa le lekgoba, o se a feta lekgoba ka bohlokwa; ke ngwanabo rona ya ratehang, haholoholo ho nna. Jwale o tla rateha hakaakang ho wena e le motho, e le modumedi!

Liproverbia 22:16
Ya tlatlapang mofutsana ho ikekeletsa leruo, a bile a etsetsa barui dimpho, o tla futsaneha.

Tite 2:9-10
[9] Makgoba a ikokobeletse beng ba wona dinthong tsohle, a ba kgotsofatse kahohlehohle, a se ke a arabisana le bona,[10] a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle.

Luka 12:47-48
[47] “Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;[48] athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”

Exoda 21:20-27
[20] “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa.[21] Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae.[22] “Haeba banna ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, eba mosadi eo o a senyehelwa, feela a sa tswe kotsi, ba mo thutseng ba tla lefiswa ke baahlodi ho ya kamoo monna wa mosadi eo a ka bolelang kateng.[23] Empa haeba ho hlaha kotsi, ho tla lefeletswa bophelo ka bophelo;[24] leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto;[25] ho tjheswa ka ho tjheswa, leqeba ka leqeba, moupa ka moupa.[26] “Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, leihlong, mme a qhinyetsa leihlo leo, o tshwanetse ho lokolla lekgoba, e le tefo bakeng sa leihlo la lona.[27] Haeba motho a kgorola leino la lekgoba la hae la monna, kapa leino la lekgoba la hae la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo, e le tefo bakeng sa leino la lona.”

Phetolelo 23:15-16
[15] “Lekgoba le tshabetseng ho wena o se ke wa le kgutlisetsa ho monga lona eo le balehileng ho yena.[16] O le tlohele le phele le wena ha hao, kapa le phele motseng ofe kapa ofe oo le ratang ho dula ho wona. O se ke wa le hatella.

1 Timothea 6:1-2
[1] Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.[2] Makgoba ao beng ba wona e leng badumedi a se ke a ba nyedisa, hobane e le bana babo wona; a mpe a ba sebeletse hantle le ho feta, hobane ba fumanang molemo wa tshebeletso ya wona ke ba dumelang, bao a ba ratang. O rute, mme o kgothaletse tsena.

Levitike 25:44-46
[44] “ Empa makgoba le makgabunyane e tla nne e be a hao, e be a tswang ditjhabeng tse haufi le wena; ho tsona o ka reka makgoba kapa makgabunyane.[45] Le bana ba bajaki ba jakileng ho lona le ka ba reka, esita le ditloholo tsa bona tse tswaletsweng naheng ya lona. E tla ba leruo la hao.[46] Le tla ba siela ditloholo tsa lona hore e be lefa la tsona, mme di ba etse makgoba a mehla yohle. Empa bana beno, ba Baiseraele, le se ke la ba sotla.

Exoda 21:2-11
[2] “Ha o reka lekgoba leo e leng Moheberu, le tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, mme ka selemo sa bosupa le tla lokoloha le sa lefe letho.[3] Haeba le ile la tla ho wena le le inotshi, le tla tloha le le inotshi; athe haeba le tlile le mosadi, mosadi eo wa lona o tla tsamaya le lona.[4] Haeba monga lona a le nyadisitse, mme mosadi eo a le tswalla bara kapa baradi, mosadi eo le bana bao e tla ba ba monga lona, mme lona le tla itsamaela le le inotshi.[5] “Empa haeba lekgoba le bolela, le re: Ke rata monga ka, le mosadi wa ka, le bana ba ka, mme ha ke rate ho lokoloha,[6] monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa.[7] “Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna.[8] Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse.[9] Ha a le nyadisa mora wa hae o tla le etsetsa moetlo o etsetswang barwetsana.[10] Haeba a nyala mosadi e mong, a se ke a le sekisetsa ka dijo, kapa ka diaparo, kapa ka ditokelo tsa lona tsa lenyalo.[11] Ha a sa le etsetse letho la tsena tse tharo, le tla itsamaela feela, le sa lefa tjhelete.”

Baefese 6:5-9
[5] Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe ka tshabo, le ka thothomelo, le ka botshepehi, jwaloka hoja le sebeletsa Kreste.[6] Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, empa jwaloka makgoba a Kreste a etsang thato ya Modimo ka pelo yohle.[7] Le ba sebeletse ka moya o motle, jwaloka hoja le sebeletsa Morena, e seng batho.[8] Tsebang hore motho ka mong o tla fumana moputso ho Morena, ka baka la tsohle tse lokileng tseo a di etsang, le haeba motho eo e le lekgoba kapa molokolohi.[9] Le lona beng ba makgoba, le a etse jwalo, le sa a sokele. Tsebang hore lona le wona le na le Morena a le mong mahodimong, ya sa yeng ka tshobotsi.

Phetolelo 15:12-18
[12] “Ha o rekisetswa ngwaneno, e ka ba monna wa Moheberu, kapa mosadi wa Moheberu, o tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng. Ka selemo sa bosupa o tla mo lokolla.[13] Ha o mo lokolla, a se ke a tsamaya a itlhophere.[14] O mo fe haholo ho tse tswang mohlapeng wa hao, le ho tse tswang seotlong sa hao, le ho tse tswang setlhotlelong sa hao. Jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o hlohonolofaditse, le wena o mo fe jwalo.[15] O hopole hore le wena o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla. Ke ka baka lena ke o laelang tjena kajeno.[16] “Empa haeba lekgoba leo le ka re ho wena: Ha ke rate ho kgaohana le wena, e le hobane le o rata, le rata le lelapa la hao; le hobane o le phedisa hantle;[17] o tla nka elese, o phunye tsebe ya lona e manamisitswe lemating. Jwale lekgoba leo e tla ba la hao kamehla yohle. Le lekgoba la hao la mosadi o le etse jwalo.[18] “Ho se ke ha eba thata ho lokolla lekgoba la hao, hobane mosebetsi oo le o etseditseng wona ka dilemo tse tsheletseng, o lekanwa ke moputso wa bahlanka ba babedi ba hirilweng, mme Morena Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tseo o di etsang.

Exoda 21:1-36
[1] “Ena ke melao eo o tla e bea kapele ho Baiseraele:[2] “Ha o reka lekgoba leo e leng Moheberu, le tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, mme ka selemo sa bosupa le tla lokoloha le sa lefe letho.[3] Haeba le ile la tla ho wena le le inotshi, le tla tloha le le inotshi; athe haeba le tlile le mosadi, mosadi eo wa lona o tla tsamaya le lona.[4] Haeba monga lona a le nyadisitse, mme mosadi eo a le tswalla bara kapa baradi, mosadi eo le bana bao e tla ba ba monga lona, mme lona le tla itsamaela le le inotshi.[5] “Empa haeba lekgoba le bolela, le re: Ke rata monga ka, le mosadi wa ka, le bana ba ka, mme ha ke rate ho lokoloha,[6] monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa.[7] “Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna.[8] Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse.[9] Ha a le nyadisa mora wa hae o tla le etsetsa moetlo o etsetswang barwetsana.[10] Haeba a nyala mosadi e mong, a se ke a le sekisetsa ka dijo, kapa ka diaparo, kapa ka ditokelo tsa lona tsa lenyalo.[11] Ha a sa le etsetse letho la tsena tse tharo, le tla itsamaela feela, le sa lefa tjhelete.”[12] “Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa.[13] Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng.[14] Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.[15] “Ya otlang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.[16] “Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa.[17] “Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.”[18] “Ha banna ba phehisana kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe kapa ka setebele, eba eo ha a shwe, o robala diphateng tsa hae feela;[19] haeba a ka tsoha, mme a tsamaya kantle, a ikokotlela ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fumanwa a le molato, feela o tla lefella nako eo a e dutseng a sa etse letho, a be a mo oke ho fihlela a fola.[20] “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa.[21] Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae.[22] “Haeba banna ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, eba mosadi eo o a senyehelwa, feela a sa tswe kotsi, ba mo thutseng ba tla lefiswa ke baahlodi ho ya kamoo monna wa mosadi eo a ka bolelang kateng.[23] Empa haeba ho hlaha kotsi, ho tla lefeletswa bophelo ka bophelo;[24] leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto;[25] ho tjheswa ka ho tjheswa, leqeba ka leqeba, moupa ka moupa.[26] “Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, leihlong, mme a qhinyetsa leihlo leo, o tshwanetse ho lokolla lekgoba, e le tefo bakeng sa leihlo la lona.[27] Haeba motho a kgorola leino la lekgoba la hae la monna, kapa leino la lekgoba la hae la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo, e le tefo bakeng sa leino la lona.”[28] “Haeba pholo e hlaba monna kapa mosadi, mme eba o a shwa, ruri pholo eo e tla tlepetswa ka majwe; nama ya yona e ke ke ya jewa, mme monga yona ha a na molato.[29] Empa ha pholo eo e tlwaetse ho hlaba batho, mme monga yona a se a nnile a hlokomediswa, feela a sa e dise, jwale e hlaba monna kapa mosadi, e mmolaya, pholo eo e tla tlepetswa ka majwe, mme le monga yona o tla bolawa.[30] Haeba a lefiswa ho pholosa bophelo ba hae, a lefe tjhelete yohle eo ho thweng a e lefe.[31] Haeba pholo ena e hlaba moshanyana, kapa e hlaba ngwanana, ho tla latelwa kahlolo ena.[32] Haeba pholo ena e hlaba lekgoba la monna kapa e hlaba lekgoba la mosadi, monga yona o tla lefa monga lekgoba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano, mme pholo yona e tlepetswe ka majwe.[33] “Ha motho a kwaholla sekoti, kapa ha motho a tjheka sekoti, mme a sa se kwahele, eba kgomo kapa tonki e wela ka ho sona,[34] monga sekoti sena o tla lefa. O tla lefa monga phoofolo eo ka tjhelete, mme phoofolo e shweleng e be ya hae.[35] “Haeba pholo ya motho e mong e hlaba pholo ya e mong osele, mme pholo eo e eshwa, ba tla rekisa pholo e phelang, ba arolelane tjhelete ya yona, mme e shweleng ba e kgekgethe.[36] Kapa haeba ho tsejwa hore pholo eo e tlwaetse ho hlaba tse ding, mme monga yona a sa ka a e disa, o tla lefa pholo e shweleng ka pholo e phelang, mme pholo e shweleng e be ya hae.”

Levitike 25:1-55
[1] Morena a bua ho Moshe, a le thabeng ya Sinai, a re:[2] “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha le fihla naheng eo ke le neang yona, masimo a lale, le wona a boloke phomolo ya Morena.[3] Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, ka dilemo tse tsheletseng o faole morara o tshimong ya hao, o kotule tseo e di behileng.[4] Empa ka selemo sa bosupa tshimo e tla lala, e be le selemo se seholo sa phomolo, e leng phomolo ya Morena. O se ke wa lema tshimo ya hao, le morara wa tshimo ya hao ya merara o se ke wa o faola.[5] O se ke wa kotula matshwabodi, o se ke wa kga le morara o sa faolwang wa tshimo ya hao ya morara, e be selemo sa hore tshimo e lale.[6] Empa matshwabodi a tla mela ka selemo sa phomolo e tla ba dijo tsa hao, le tsa mohlanka wa hao, le tsa lekgabunyane le hao, le tsa mohiruwa wa hao, le tsa moeti ya phelang tlung ya hao;[7] le diphoofolo tsa hao, le dibatana tsa naha ya heno, matshwabodi ao e tla ba dijo tsa tsona.[8] “ O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong.[9] Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.[10] Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.[11] Selemo sa mashome a mahlano e tla ba sa mokete wa lona wa tokoloho. Le se ke la lema letho; le se ke la kotula le matshwabodi, kapa la kga morara o sa kang wa faolwa.[12] Selemo seo ke sa mokete wa tokoloho, mme e tla ba se halalelang ho lona; le tla ja matshwabodi.[13] “ Selemong seo sa mokete wa tokoloho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae.[14] “ Ha o rekisetsa mohaeno ho hong, kapa o reka ho hong ho yena, le se ke la qhekanyetsana.[15] O reke ntho ya mohaeno ho ya ka palo ya dilemo ho tloha mohla mokete wa tokoloho; le yena a o rekisetse ho ya ka palo ya dilemo tsa kotulo tse sa setseng, pele ho fihla mokete o mong wa tokoloho.[16] O tla eketsa theko ho ya ka bongata ba dilemo, o e fokotse ho ya ka bonyenyane ba dilemo, hobane o o rekisetsa kotulo ya dilemo tse hlahlamanang.[17] Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tshabe Modimo wa lona, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.[18] “ Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo.[19] Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.[20] Ha le ka la ipotsa hore na ka selemo sa bosupa le tla ja eng, ha e le moo le sa tlo lema kapa le kotule,[21] ka selemo sa botshelela ke tla le hlohonolofatsa, mme le tla tjhaya dijo tse lekaneng dilemo tse tharo.[22] Ha le lema ka selemo sa borobedi, le tla be le eja thoko; ka selemo sa borobong, ho fihlela le kotula, le tla be le eja dinyase.[23] “ Naha e se ke ya rekisetswa ruri, hobane ke ya ka, lona le baeti le bajaki ho nna.[24] Naheng yohle eo e leng lefa la lona, le tla dumella hore naha e rekilweng e boelane le monga yona ka ho buseletsa ya e rekileng.[25] “ Ha ngwaneno a futsaneha, mme a rekisa karolo ya lefa la hae, wa habo, ya tswalanang le yena, o tla lopolla seo ngwanabo a se rekisitseng.[26] Ha motho a hloka ba habo, empa a ena le hona ho itefella tjhelete ya topollo,[27] eka kgona a bale dilemo tsa thekiso, ebe o lefa moreki tjhelete e lekanang dilemo tse sa setseng, pele ho mokete wa tokoloho o tlang, mme moreki a mmuseletse seo a se rekileng.[28] Haeba a sitwa ho mo lefa hore a tle a boellwe ke naha, naha eo e tla nne e be ya ya e rekileng, ho fihlela selemo se tlang sa mokete wa tokoloho. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, naha eo e tla kgutlela ho monga yona wa pele.[29] “ Ha motho a rekisa ntlo e motseng o kahara lerako, o na le tokelo ya ho e reka hape pele selemo se fela. Tokelo ya hae ya ho e reka e tla nka selemo feela.[30] Empa ha selemo se ka fela e eso lopollwe, ntlo eo e motseng o kahara lerako, e tla ba ya ya e rekileng, le ya ditloholo tsa hae kamehla yohle; e ke ke ya kgutlela ho mong a yona ka mokete wa tokoloho.[31] Empa matlo a metseng e seng kahara marako, wona a tla balellwa e le karolo ya naha e kathoko; a ka lopollwa, mme ka selemo sa mokete wa tokoloho a tla kgutlela ho beng ba wona.[32] “ Metseng ya Balevi teng, matlo a metseng ya bona a ka lopollwa ka dinako tsohle.[33] Ha ntlo ya Molevi e motseng o kahara lerako e rekiswa ke Molevi, empa e sa lopollwe, e tla kgutlela ho mong a yona la selemo sa mokete wa tokoloho, hobane matlo a Balevi, a metseng ya Baiseraele, wona ke lefa la bona.[34] Empa makgulo a mathokong a metse ya bona a ke ke a rekiswa, hobane ke lefa la bona la mehla yohle.[35] “ Ha ngwaneno a futsaneha, mme a sitwa ho iphedisa, o mo thuse jwalokaha o ka thusa moditjhaba kapa mojaki, mme a phele le wena.[36] O se ke wa mmatla tswala kapa phaello, o mpe o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele le wena.[37] O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla tswala, kapa dijo tsa hao ka ho batla phaello.[38] Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.[39] “ Ha ngwaneno a futsaneha, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa jwaloka lekgoba.[40] A phele le wena jwaloka mohiruwa kapa jwaloka mojaki, mme a o sebeletse ho fihlela ka selemo sa mokete wa tokoloho.[41] Jwale o tla lokoloha mosebetsing wa hao, yena le bana ba hae, a kgutlele ho ba lelapa la hae, le leruong la bo-ntatae,[42] hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta, mme ba ke ke ba rekiswa jwalokaha ho rekiswa makgoba.[43] O se ke wa ba sotla, o mpe o tshabe Modimo wa hao.[44] “ Empa makgoba le makgabunyane e tla nne e be a hao, e be a tswang ditjhabeng tse haufi le wena; ho tsona o ka reka makgoba kapa makgabunyane.[45] Le bana ba bajaki ba jakileng ho lona le ka ba reka, esita le ditloholo tsa bona tse tswaletsweng naheng ya lona. E tla ba leruo la hao.[46] Le tla ba siela ditloholo tsa lona hore e be lefa la tsona, mme di ba etse makgoba a mehla yohle. Empa bana beno, ba Baiseraele, le se ke la ba sotla.[47] “ Ha moditjhaba kapa mojaki ya ahelaneng le wena a rua, eba ngwaneno ya pela hae o a futsaneha, mme o ithekisa ho moditjhaba kapa mojaki eo ya ahelaneng le wena, kapa o ithekisa ho setloholo sa lelapa la moditjhaba eo;[48] ha a se a ithekisitse o tla ba le tokelo ya ho lopollwa. E mong wa bana babo a ka mo lopolla.[49] Rangwanae, kapa mora wa rangwanae, kapa e mong ya tswalanang le yena, a ka mo lopolla; kapa haeba a ena le matla a ka itopolla.[50] Eo o tla rerisana le ya mo rekileng, ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona, ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho, mme tjhelete ya topollo e lekane le palo ya dilemo, e balwe ho ya ka tjhelete e lefuwang mohiruwa.[51] Haeba ho sa setse dilemo tse ngata pele ho mokete wa tokoloho, morekuwa o tla buseletsa moreki tjhelete e lekanang dilemo tseo.[52] Haeba mokete wa tokoloho o saletswe ke dilemo tse seng kae, o tla itefella tjhelete ya topollo, e lekanang dilemo tseo tse sa setseng.[53] O tla phela le moditjhaba eo e le mosebeletsi ya lefuwang ka selemo le selemo, mme monga hae a se ke a mo sotla moo o ntseng o bona.[54] “ Empa haeba a sa lopollwe ka dilemo tsena tse sa setseng, o tla lokoloha ka selemo sa mokete wa tokoloho, yena le bana ba hae.[55] Bana ba Iseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.

Sotho Bible 1989
© Bible Society of South Africa. All rights reserved