Instagram
English
A A A A A

Tlatsetso: [Sethepu]
1 Likronike 4:5
Ashehure ya ileng a thea Tekowa, o ne a ena le basadi ba babedi, e leng Hela le Naara.

2 Samuele 5:13
Hoba Davida a tlohe Heborone, a fihle Jerusalema, a boela a nka basadi ba mafielo, a nyala le basadi, mme a boela a tswallwa bara le baradi.

2 Samuele 12:8
Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo.

2 Likronike 11:21
Rehoboame o ne a rata Maaka, moradi wa Abosalome, ho feta basadi bohle ba hae, le basadi ba hae ba mafielo. O ne a nyetse basadi ba leshome le metso e robedi, le basadi ba mafielo ba mashome a tsheletseng. A tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robedi, le baradi ba mashome a tsheletseng.

2 Likronike 13:21
Abiya a nna a matlafala. A nyala basadi ba leshome le metso e mene, ba mo tswalla bara ba mashome a mabedi a metso e mmedi, le baradi ba leshome le metso e tsheletseng.

Exoda 21:10
Haeba a nyala mosadi e mong, a se ke a le sekisetsa ka dijo, kapa ka diaparo, kapa ka ditokelo tsa lona tsa lenyalo.

Genese 4:19
Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla.

Genese 30:4-9
[4] Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae.[5] Bileha ya eba moimana, a tswalla Jakobo mora.[6] Jwale Ragele a re: “Modimo o nkahloletse, ebile o utlwile thapelo ya ka, mme o mphile mora.” Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane.[7] Bileha, lekgabunyane la Ragele, ya boela ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bobedi.[8] Jwale Ragele a re: “Ke lwanne dintwa tse matla le ngwaneso, mme ke hlotse.” Yaba o mo rea lebitso la Nafthali.[9] Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae.

Esaia 4:1
Matsatsing ao basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong, ba re ho yena: “Re tla iphepa, re ikapese, ha feela re ka bitswa ka wena, e le hore sekgobo sa hore ha re a nyalwa se tle se tlohe.”

Baahloli 8:30
Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata.

Numere 12:1
Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe.

1 Samuele 1:1-2
[1] Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.[2] O ne a ena le basadi ba babedi. Lebitso la wa pele e ne e le Anna, la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a ena le bana, empa Anna yena o ne a se na bana.

Phetolelo 21:15-17
[15] “Ha monna a nyetse basadi ba babedi, e mong e le thatohatsi, e mong e le ya hloilweng, ba mo tswaletse bana, mme mora wa matsibolo e le wa ya hloilweng,[16] mohla monna eo a arolelang bara ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a se ke a re mora wa matsibolo ke wa mosadi wa thatohatsi, empa mora wa mosadi ya hloilweng e le yena wa matsibolo.[17] O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae.

2 Likronike 24:1-3
[1] Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebiya, eo ha habo e neng e le Beeresheba.[2] Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle ya ho phela ha moprista Jehoyada.[3] Jehoyada a mo nyadisa basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi.

Ezekiele 23:1-4
[1] Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:[2] “Wena ngwana motho, ho ne ho le teng basadi ba babedi, e le baradi ba mosadi a le mong.[3] Ba ile ba fetoha diotswa naheng ya Egepeta, ba ineella bootswa ho tloha botjheng ba bona. Naheng eo ditlhoko tsa matswele a bona di ile tsa tsikinyetswa, le difuba tsa bona tsa phollwa.[4] Lebitso la e moholo e ne e le Ohola, moena hae yena e le Oholeba. E ne e le basadi ba ka, ba ileng ba ntswalla bara le baradi. Ohola ke Samaria, Oholeba yena ke Jerusalema.

1 Bakorinthe 7:1-5
[1] Jwale ke kena ditabeng tseo le ileng la nngolla ka tsona. Ke re: Ho molemo hore monna a se ke a ama mosadi.[2] Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.[3] Monna a phethe tshwanelo ya hae ho mosadi wa hae, mme le mosadi a etse jwalo ho monna wa hae.[4] Mosadi ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke monna wa hae. Ka mokgwa o jwalo, le monna ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke mosadi wa hae.[5] Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.

Phetolelo 25:5-10
[5] “Ha bana ba motho ba ahile mmoho, mme e mong wa bona a eshwa a se na mora, mosadi wa mofu a se ke a nyalwa ke eo e seng wa lelapa. Ngwanabo monna wa hae o tla mo kenela, a mo nke, e be mosadi wa hae, a phethe tshwanelo ya ngwanabo monna.[6] Mora wa matsibolo eo a tla mmeleha, o tla reellwa ka mofu, e le hore lebitso la hae le se ke la timela hara Baiseraele.[7] “Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna.[8] Jwale baholo ba motse wa habo ba tla mmitsa, ba bue le yena. Haeba a ngangella, a re: Ha ke rate ho mo kenela,[9] mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo![10] Setjhabeng sa Iseraele o tla rewa lebitso la Lelapa la monna ya rodisitsweng seeta.

1 Likronike 3:1-9
[1] Bana ke bara bao Davida a ileng a ba tswala ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo ke Amanone, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele; wa bobedi ke Daniele, ya tswetsweng ke Abikaele wa Mokaramele;[2] wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Gesure; wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite;[3] wa bohlano ya eba Shefatiya, mora wa Abitale; wa botshelela ya eba Jitereame, wa mosadi wa hae ya bitswang Egela.[4] Bana ba tsheletseng ba ile ba tswallwa Heborone, moo Davida a ileng a busa a le hona teng ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.[5] Bana ba ile ba tswalwa ha a se a le Jerusalema: Shima, le Shobabe, le Nathane, le Solomone. Bana ba bane ba ile ba tswalwa ke Batesheba, moradi wa Amiele.[6] Ba bang e ne e le bo-Jibehare, le Eleshua, le Elipelete,[7] le Noga, le Nefege, le Jafia,[8] le Eleshama, le Eleada, le Elefelede, mme bona ba le robong.[9] Bana kaofela e ne e le bara ba Davida, kantle ho bara bao a ba tswaletsweng ke basadi ba hae ba mafielo. Kgaitsedi ya bona e ne e le Tamare.

Sotho Bible 1989
© Bible Society of South Africa. All rights reserved