Matheu 4:10 |
Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi. ”
|
Matheu 12:26 |
Haeba Satane a leleka Satane, o ikarotse, o a itwantsha; ha ho le jwalo mmuso wa hae o ka tiya jwang?
|
Matheu 16:23 |
Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”
|
Mark 1:13 |
mme a hlola feelleng matsatsi a mashome a mane a le hara dibatana, a ntse a lekwa ke Satane, mme mangeloi a mo sebeletsa.
|
Mark 3:23 |
Yaba o ba bitsetsa ho yena, mme a re ho bona ka ditshwantsho: “Satane a ka leleka Satane jwang?
|
Mark 3:26 |
Haeba Satane a itsohela matla ho itwantsha, mme a ikarotse, a ke ke a tiya, mme hoo ke ho fela ha hae.
|
Mark 4:15 |
Peo e ka tseleng ke bao lentswe le jalwang ho bona, empa ere hoba ba le utlwe, ebe hanghang Satane o a tla, o tlosa lentswe le jetsweng ho bona.
|
Mark 8:33 |
Jesu ha a reteleha, mme a bona barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: “Tloha kapele ho nna, Satane, hobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”
|
Luka 10:18 |
Jesu a re ho bona: “Ke bone Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima.
|
Luka 11:18 |
Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule.
|
Luka 13:16 |
Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”
|
Luka 22:3 |
Yaba Satane o kena ka ho Judase ya bitswang Isekariota, eo e neng e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.
|
Luka 22:31 |
“Simone, Simone, bona, Satane o le kopile hore a le hlokole jwaloka koro,
|
John 13:27 |
Hoba Judase a je sengwathwana, Satane a kena ka ho yena. Yaba Jesu o re ho yena: “Seo o se etsang, se etse kapele.”
|
Liketso 5:3 |
Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo?
|
Liketso 26:18 |
O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!
|
Baroma 16:20 |
Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele. Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.
|
1 Bakorinthe 5:5 |
motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.
|
1 Bakorinthe 7:5 |
Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.
|
2 Bakorinthe 2:11 |
esere Satane a re qhekella, etswe re tseba maqiti a hae.
|
2 Bakorinthe 11:14 |
Hoo ha ho makatse, hobane le Satane o iketsa e ka ke lengeloi la lesedi.
|
2 Bakorinthe 12:7 |
Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.
|
1 Bathesalonika 2:18 |
Ke ka lebaka leo re neng re rata ho le etela. Ka makgetlo, nna Paulosi ka sebele, ke ile ka leka ho tla, empa Satane a re thibela.
|
2 Bathesalonika 2:9 |
Ya Kgopo o tla tla ka mesebetsi ya Satane, mme o tla etsa diketso tse matla, le mehlolo le dimakatso tse thetsang.
|
1 Timothea 1:20 |
Hara bona ho na le Hemenaiose le Alekesandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba ithute ho se nyefole.
|
1 Timothea 5:15 |
Bahlolohadi ba bang ba se ba ile ba lahleha ka ho sala Satane morao.
|
Tšenolo 2:9 |
o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.
|
Tšenolo 2:13 |
o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng.
|
Tšenolo 2:24 |
Empa ho lona bohle ba Thiatira ba sa amoheleng thuto ena, le ba sa tsebeng hoo ho thweng ke bofihla ba Satane, ke re: Ha ke le belese mojaro o mong hape.
|
Tšenolo 3:9 |
“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.
|
Tšenolo 12:9 |
Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.
|
Tšenolo 20:2 |
La tshwara kganyapa, noha ya kgale, e leng Diabolosi le Satane, la e holeha ka dilemo tse sekete.
|
Tšenolo 20:7 |
Ha dilemo tse sekete di fetile, Satane o tla lokollwa tjhankaneng ya hae,
|
Sotho Bible 1989 |
© Bible Society of South Africa. All rights reserved |