1 |
Kamora tsena, Paulosi a tloha Athene, a ya Korinthe. |
2 |
Teng a fumana Mojuda e mong ya bitswang Akulase, ya tswaletsweng Ponto, ya neng a sa tswa fihla, a etswa Italia le mosadi wa hae Prisilla, hobane Tlelaudiose o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma. Paulosi a ya ho bona, |
3 |
mme kaha e ne e le batho ba mosebetsi o le mong, a hlola le bona, mme ba sebetsa mmoho. Mosebetsi wa bona e ne e le wa ho etsa ditente. |
4 |
A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike. |
5 |
Yare ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Paulosi a hapeha ke lentswe la Modimo ka ho tlala, a paka ho Bajuda hore Jesu ke Mesia. |
6 |
Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.” |
7 |
Yaba o tloha teng, o ya ha motho ya bitswang Tite Jusetose, ya hlomphang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le ntlo ya thapelo. |
8 |
Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa. |
9 |
Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa. |
10 |
Ke na le wena, mme ha ho ya tla o lwantsha, le ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.” |
11 |
A dula moo selemo le kgwedi tse tsheletseng a ntsa ruta lentswe la Modimo hara bona. |
12 |
Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla, |
13 |
ba re: “Monna enwa o kgothaletsa batho hore ba hlomphe Modimo ka mokgwa o hananang le Molao.” |
14 |
Yare ha Paulosi a re o tla bua, Galeo a re ho Bajuda: “Bajuda ting, haeba ho ne ho hlile ho ena le molato o itseng kapa bolotsana bo bobe, ho ka be ho lokela hore ke le mamelle, |
15 |
empa haeba ke kgang ya mantswe, ya mabitso le ya Molao wa lona, le ka bona e le lona; ha nka ke ka ba moahlodi wa tsena.” |
16 |
Yaba o ba leleka kgotla. |
17 |
Jwale bohle ba tshwara Sosethenese, mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba mo teteka kapela lekgotla, empa Galeo a se ke a tsotella letho la ditaba tsena. |
18 |
Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano. |
19 |
Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda. |
20 |
Bona ba mo kopa hore a hlole nako e teletsana, empa a se ke a dumela, |
21 |
a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe. |
22 |
Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia. |
23 |
Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle. |
24 |
Moo Efese ha fihla Mojuda e mong ya bitswang Apolosi, ya tswaletsweng Alekesanderia, e le monna wa kgeleke, ya neng a hlalefetse Mangolo ka ho tlala. |
25 |
O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela. |
26 |
A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo, mme ha Prisilla le Akulase ba mo utlwile ba mo isa ha bona, ba mo hlalosetsa Tsela ya Modimo ka hloko e fetang. |
27 |
Yare ha a rera ho ya Akaya, badumedi ba mo kgothaletsa, mme ba ngolla barutuwa hore ba mo amohele. Ha a se a fihlile, a ba le thuso e kgolo ho bao e bileng badumedi ka mohau wa Modimo, |
28 |
hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng, ka matla a maholo, a supa ka Mangolo hore Jesu ke Mesia.
|
Sotho Bible 1989 |
© Bible Society of South Africa. All rights reserved |
|
|
|
|
|
|
|
|
|
|
Liketso 18:1 |
Liketso 18:2 |
Liketso 18:3 |
Liketso 18:4 |
Liketso 18:5 |
Liketso 18:6 |
Liketso 18:7 |
Liketso 18:8 |
Liketso 18:9 |
Liketso 18:10 |
Liketso 18:11 |
Liketso 18:12 |
Liketso 18:13 |
Liketso 18:14 |
Liketso 18:15 |
Liketso 18:16 |
Liketso 18:17 |
Liketso 18:18 |
Liketso 18:19 |
Liketso 18:20 |
Liketso 18:21 |
Liketso 18:22 |
Liketso 18:23 |
Liketso 18:24 |
Liketso 18:25 |
Liketso 18:26 |
Liketso 18:27 |
Liketso 18:28 |
|
|
|
|
|
|
Liketso 1 / Lik 1 |
Liketso 2 / Lik 2 |
Liketso 3 / Lik 3 |
Liketso 4 / Lik 4 |
Liketso 5 / Lik 5 |
Liketso 6 / Lik 6 |
Liketso 7 / Lik 7 |
Liketso 8 / Lik 8 |
Liketso 9 / Lik 9 |
Liketso 10 / Lik 10 |
Liketso 11 / Lik 11 |
Liketso 12 / Lik 12 |
Liketso 13 / Lik 13 |
Liketso 14 / Lik 14 |
Liketso 15 / Lik 15 |
Liketso 16 / Lik 16 |
Liketso 17 / Lik 17 |
Liketso 18 / Lik 18 |
Liketso 19 / Lik 19 |
Liketso 20 / Lik 20 |
Liketso 21 / Lik 21 |
Liketso 22 / Lik 22 |
Liketso 23 / Lik 23 |
Liketso 24 / Lik 24 |
Liketso 25 / Lik 25 |
Liketso 26 / Lik 26 |
Liketso 27 / Lik 27 |
Liketso 28 / Lik 28 |